Home 9 News 9 The honourable Minister of Communications Science and Technology Speech at Women in Media Awards celebration 2021

The honourable Minister of Communications Science and Technology Speech at Women in Media Awards celebration 2021

9 Sep, 2021
“Celebrate your success and stand strong when diversity hits for when the storms and the clouds come in, the eagles soar while the small birds cover.” page 124

PUO EA LETONA LE KHABANE LA LIKHOKAHANYO, MAHLALE LE TS’EBELISO EA MAHLALE, KETEKELONG EA KABO EA LIKHAU TSA BASALI BA BOPHATLALATSI
VENUE: VICTORY HALL: DATE: 3RD LOETSE 2021
Motlotlehi Letsie III
Mohlomphehi Tona-Kholo le ‘m’e First Lady
Mookameli oa Ntlo ea Mahosana
Motsamaisi oa Lipuisano ka Ntlong ea Bakhethoa
Mohlomphehi Motlatsi oa Tona-Kholo
Bahlomphehi Matona a Khabane le Batlatsi ba Bona
Bahlomphehi Lihlooho tsa Linaha tse nang le Setsoalle le Lesotho
Bahlomphehi Bangoli Ba Baholo Ba Makala
Lekhotla la Taolo ea Khaso (LCA)
Mookameli oa MISA Lesotho
Mookameli oa Econet Telecom Lesotho (ETL)
Mookameli oa Lesotho National Insurance Group (LNIG)
Baphatlalatsi le Baqolotsi ba Litaba (lona liepa pitso)
Ke isa Hlompho ho Bohle

Ke motlotlo ho fumana sebaka sena sa ho bula mosebetsi ona o moholo oa phano ea likhau tsa basali ba bophatlalatsing. Ketekelo ena ea likhau e tla ka nako e nepahetseng, haholo joang re sa tsoa feta khoeli ea mosali oa MoAfrika.
Bophatlalatsi ke sebetsa sa bohlokoa ho tlisetsa linaha botsitso, tsebo ekasitana le ntlafatso. Ha bo ka ts’oaroa hantle linaha li ka bona kholo e kholo bophelong ka kakaretso ekasitana le khoebong. Bophatlalatsi ha bo ka ts’oaroa hampe, bo ka fetoha sebetsa se kotsi haholo sechabeng ‘me sa hlokisa naha botsitso. Bophatlalatsi ba basali bona bo ka tlisa kholo e kholo hobane basali ka semelo seo ba leng sona, ke batho ba matla ba bileng ba tsebang le ho latellisisa litaba. Basali ba matla ebile naha ea boahelane (South Africa) e na le mantsoe a reng; Thetsa mosali o tsebe hore o thetsa lefika” empa bona ba bua ka puo ea bona eo ke sa batleng ho e fosa. Kahoo seabo sa basali karolong tsohle tsa bophelo esita le bophatlalatsing ha sea lokela ho nkeloa tlaase ho hang.

Bo mme le bo ntate ,
Matla a basali bophatlalatsing a bonahetse haholo nakong ena ea seoa sena sa Covid-19 se bakileng tsitsipano le ts’abo e ts’abehang haholo naheng tse holang joalo ka Lesotho. Bosali mona ba bapetse karolo e kholo ho tsebisa sechaba ka lefu lena le hona ho itlhokomela khahlanong le lona. Ba ile ba sebelisa litsi tse fapakaneng tsa bophatlalatsi, lia-le moea, lipampiri ekasitana le ona marangrang. Basali ba na le mpho eo Molimo a ba fileng eona ea ho fana ka ts’epo ho sechaba ka kakaretso, le Sesotho sea bolela ha se re “mosali o ts’oara thipa ka bohaleng”. Lona lefu lena le ile ba la sitisa ho tsoaroa hoa likhau tsena selemong se fetileng. Ka hona letsatsi le kang lena le lokela ho eloa hloko ke bohle eseng lefapha la bophatlalatsi feela.
Ke boleletsoe hore basali ba tla tlotloa ba tsoa mekhahlelong e latelang:
• Technology and new normal
• Business and economy
• Mining and extractive industry
• Governance and Leadership
• Health and Environment
• Sports and entertainment
Thlolisano ena e kenetsoe ke basali ba mashome a mabeli a metso e ‘meli (22) me ba leshome le metso e ‘meli (12)ke bona ba tlang ho fumana likhau. Ke lebohela bao ba tlang ho fumana likhau le ho khothatsa bao ba sa li fumanang hore ha se mara ha se fela kamoso batla tsóasa. Ha ke le mothating ona hoa ntokela hore ke le thokole ho kenela litlholisano tsa mofuta ona boemong ba machaba ekaba SADC, kapa eona African Union. Kea tseba ha le na ho mphoqa.
Pele ke hatela pele ka puo ena ke rata hore ke tse mantose a sengoli sa Lesotho mona se bitsoang PALESA LUCY SOKO bukeng ea hae e bitsoang “THE EAGLE IN ME” o re

“Celebrate your success and stand strong when diversity hits for when the storms and the clouds come in, the eagles soar while the small birds cover.” page 124

Ketekang katleho ea lona ha monate feela le tiisetse, le mamelle hoba ha tsietsi li hlaha, ha mara a teteana le lifefo li puputla Ntsu eona e fofela kaholima maru athe tse nyane linonyana li ipata matsabeng.

Ebang Lintsu baheso le fofe kaholima tsona lithoahako le eona thlekefetso.

Ke le Letona la Likhokahanyo ke khotsofetse le hona ho lemoha hore bophatlalatsi bo hlokometse hore seabo sa basali bophatlalatsing se lekana le sa banna. Mosebetsi oa bona ha o bobebe; basali ba ea hlekefetsoa nakong eo ba etsang mosebetsi hoo ba ka batloang hore ba etse litaba tsa thobalano hore ba fumane litaba. Ka linako tse ling ba hlekefetsoa ka lipuo tse ba hobosang le hona ho ba ts’osa.
Leano la Bophatlalatsi ke eona feela tharollo’me lona le se le le mothating oa ho phetheloa kaha ke se ke ile ka le beha kapele ho lekhotla la Matona me ke lebeletse hore haufinyane ha Paramente e buloa le tla tsóhloa le ho fetisoa e le leano la ‘muso la Bophatlalatsi ( Media Policy)

BO-‘M’E LE BO-NTATE
Ke le Letona la Likhokahanyo , Mahlale le Tsebeliso ea Mahlale, hoa ntokela hore ke le lemose hore ke takatso ea Lekala la heso ho bona bophatlalatsi bo na le bolokolohi ba puo, le lisebelisoa tse loketseng mosebetsi oa bona.
Ka hona Lekala le tsoile letšolo ho lemosa Sechaba, bahoebi, baetapele ba sechaba metseng ka morero, moo ho atolosoang khaso (Digital Migration), ‘me katoloso ena ntle le bophatlalatsi bo hloahloa e keke ea tsoela Lesotho le Basotho molemo.
Ke boikarabelo ba Lekala la heso ka ts’ebelisano mmoho le bohle ho tséetsa kholiso ea bophatlalatsi ho bona hore lefapha lena la Bophatlalatsi le hola le ho sebetsa ka mokhoa o kenyang letsoho ho tlisa botsitso, ho fana ka litaba tsa nnete tse senang litsekamelo, ho ruta Sechaba ka boikarabelo ba sona le litokelo tsa sona.
Ha ke bua le lona MISA Lesotho,
Ke re ho lona MISA le balekane ba lona le entse mosebetsi o khabane oa ho elelloa bohlokoa ba basali bophatlalatsing.
Nka etsa phoso ha nka theoha mona ke sa leboha ba latelang;
• Office of the First Lady
• Econet Telecom Lesotho (ETL)
• Lesotho National Insurance Group (LNIG)
• Lesotho Communications Authority (LCA)
• Lekala la Tekano, Bacha Lipapali le Boithapollo
• ekasita le Litsi tsohle tsa li phatlalatso ka ho ba le seabo tokisetsong ea mokete ona oa tlotlo. ‘Me ke ts’epa hore nakong e tlang o tla be o hotse ho feta mona.

Ka mantsoe a na ke phatlalatsa mosebetsi ona oa phano ea likhau o butsoe ka molao

KHOTSO! PULA! NALA!

 

About MISA

The Media Institute of Southern Africa (MISA) was founded in 1992. Its work focuses on promoting, and advocating for, the unhindered enjoyment of freedom of expression, access to information and a free, independent, diverse and pluralistic media.

Share this

Related news

Boloetse warns media distractors

Boloetse warns media distractors

By Itumeleng Lekoatsa The Lesotho Chapter of Media Institute of Southern Africa (MISA Lesotho) has issued a statement of concern over the recent legal actions instituted against some media houses for alleged defamation. The statement, dated February 28, 2024, is...

Celebrating 100 years of Radio

Celebrating 100 years of Radio

To all media outlets MISA Lesotho issues this statement in commemoration of the World Radio Day 2024, celebrated worldwide today. Globally, radio is being celebrated for the 100 years of its existence - still a trusted medium of information exchange among members of...

These are the ideals for which we are prepared to die

These are the ideals for which we are prepared to die

We, at MISA Lesotho, wish to address a matter of utmost importance that has compelled us to take action in defense of constitutional principles and the rule of law. In light of recent developments concerning the reinstatement of dead parliamentary business, we have...