Home 9 Uncategorized 9 Ntlha-Kemo ea MISA-Lesotho Litabeng tsa Paramente

Ntlha-Kemo ea MISA-Lesotho Litabeng tsa Paramente

29 Sep, 2021
Ka la-23 Thlakubele 2021, Letona la mehleng la Likhokahanyo, Mahlale le Tšebeliso ea ona, Mohlomphehi Keketso Sello, o tekile Setšoantšo sa molao – Computer Crime and Cybersecurity Bill of 2021 – ka paramenteng. Sena se etsahetse ntle le hore e-be lekala, le ha e se kaba Lesotho Communications Authority (LCA), li batle maikutlo kapa seabo […]

Ka la-23 Thlakubele 2021, Letona la mehleng la Likhokahanyo, Mahlale le Tšebeliso ea ona, Mohlomphehi Keketso Sello, o tekile Setšoantšo sa molao – Computer Crime and Cybersecurity Bill of 2021 – ka paramenteng.

Sena se etsahetse ntle le hore e-be lekala, le ha e se kaba Lesotho Communications Authority (LCA), li batle maikutlo kapa seabo sa MISA Lesotho litabeng tsena.

Re le MISA Lesotho, re hle re supe hore lekala, kapa eona LCA, ba tlangoa ke Molao-Theho oa Naha oa 1993 (The Constitution), ka temana ea 20, hore ba batle maikutlo / seabo ho mekhahlelo ea sechaba liqetong tsohle tsa ’muso tse amang sechaba.

Tloaelo e teng Lekaleng la Likhokahanyo kapa e le eona LCA, Ke ho mema maikutlo a sechaba le ho mema ka kotloloho MISA Lesotho, boholo ba nako ha ho boptjoa melao, melaoana le maano a tlang ho tataisa sechaba litabeng tsa amang bophatlalatsi.

Mohlala o haufinyane ke ha LCA e lohotha ho kenya tšebetsong melaoana e tlang ho tataisa Tšebeliso ea marang-rang Lesotho – Internet Broadcasting Rules ea 2020.

LCA e ile ea tsoa letšolo ho batla maikutlo a sechaba, ekasitana lea rona re le MISA Lesotho.

 

Le tla hopola bahlomphehi hore ha re qeta ho utloa phatlalatso ea hore Letona Keketso Sello o tekile Setšoantšo sena ka paramenteng, re ile ra phatlalatsa polelo ea rona ka la-31 Thlakubele 2021, eo ka eona re neng re makalla litaba tsena.

Ruri, re ne re tšosoa haholo ke boemo bona, boo re reng ha boa tloaeleha, ebile ke tlolo ea molao.

Re sa utloile, re boetse ra ema le ho makala ha re utloa hore Letona la Likhokahanyo Mohlomphehi Tšoinyana Samuel Rapapa, a gazetile Communications (Subscriber Identity Module & Mobile Registration) Regulations of 2021, a ba a teka melaoana ena ka paramenteng ka la-3 Phuptjane 2021.

Le khetlong lena bahlomphehi, re otluoe ka tsome!

Le tla hopola polelo eo re ileng ra e phatlalatsa ka la-15 Phuptjane, moo teng re neng re ntse re lla hore Lekala le entse tokomane ena ntle le ho mema maikutlo kapa seabo sa rona.

Bonnete ba taba ke hore litokomane tsena ka bobeli, li tekiloe paramenteng ke Letona ho sena seabo se fe kapa se fe se batluoeng ho MISA Lesotho ke mang kapa mang.

Re maketse haholo ke ho utloa morao tjena moo Letona la Likhokahanyo, Mohlomphehi Rapapa, a bolelang kamoo re ileng ra batloa maikutlo ha ho boptjoa litokomane tsena ke Lekala!

Mothating ona, re supe bahlomphehi hore ha re se re tlatsitse lerata re le MISA khahlanong le maemo ana; re matha liea-le-moeng le marangrang ho nyatsa ka moo Lekala le sebelitseng ka teng ka ho re tsometsa ka litokomane tsena, ke hona re ileng ra fuoa monyetla ke Komiti ea Paramente – Portfolio Committee on the Prime Minister’s Ministries, Departments, Governance, Foreign Relations and Information Cluster – hore re ke re tšoaele holima Computer Crime & Cybersecurity Bill ea 2021.

Ho hle ho hlake bahlomphehi hore re menngoe ke Komiti ena, e seng Lekala, ho fana ka seabo sa rona, ’me re fetse ra etsa joalo ka la-7 Phuptjane, moo teng re ileng ra teana le litho tsa Komiti ena ra li tšetlehela lehlakore la MISA-Lesotho le ho tiisa hore Lekala ha le ka ba la re mema ha boptjoa Setšoantšo sena sa molao.

Re boele re supe hore, ka nako e batlileng e tšoana; re se re phatlalitse le ho sola Lekala ka ho se re meme litabeng tsena; Re ile ra teeloa mohala ke Mohlomphehi Tona-Kholo a supa hore o eleletsoe hore ha rea khotsofatsoa ke melaoana ea Communications (SIM & Mobile Device Registration) Regulations ea 2021.

Mohlomphehi Tona-Kholo ka bo-eena o hlokomelisitse Mookameli oa MISA Lesotho (ND) hore re ka ba le seabo tokomaneng ena le ha e-le moo e ne e-se e gazetuoe ke Letona.

A fana ka boeletsi ba hore haele moo re belaela, re hlophise tokomane eo ka eona re supang hore na ho fetoloe litemana li fe kahara melaoana ena.

O qeteletse ka hore ha re se re lokisitse tokomane e joalo, re e lebise ho Letona la Likhokahanyo, e be rea mo kopiletsa e le Tona-Kholo.

Bahlomphehi,

Re entse sena ka email eo re e romeletseng Mohlomphehi Rapapa ka la-6 Phupu 2021. E le hona re fanang seabo sa rona holima tokomane ena.

Re supe hape hore ka la-11 Phuptjane 2021, re ne re ile ra ngolla ofisi ea Mongoli e Moholo oa Lekala moo teng re neng re kopa ho chakela Mohlomphehi Rapapa joaloka ha e le Letona le lecha la Likhokahanyo (Courtesy Visit).

Sepheeo se seholo sa kopo ea rona e-ne e le ho tla aha likamano tse ntle lipakeng tsa rona le eena ka ha MISA Lesotho e sebetsa ka kotloloho le lekala lintlheng tse ’maloa.

Etsoe sena ke tloaelo eo re e etsang hangata ha letona le lecha le ba teng Lekaleng, le ha re se ke be re atlehe matoneng a mang.

Kopano eo re e kopileng le Mohlomphehi Rapapa, e ile ea atleha. Empa le ha rona re ne re e kopile ka tšobotsi eo re e hlalositseng pejana, kopano ena, e ileng ea etelloa-pele ke lona Letona ka la-24 Phupu, e ile ea be se e nka mothinya oo ka ona Mohlomphehi Rapapa a seng a re nonya maikutlo holima melaoana ena ea ngoliso ea mehala le likarete tsa eona.

Ke phuthehong eona ena moo le eena Mohlomphehi Rapapa, a re tiiselitseng hore le ha e le moo melaoana e-se e gazetuoe, re ntse re na le monyetla oa ho fana ka seabo sa rona ka paramenteng, ka ha paramente ke hona e tlang ho e hlahloba.

Ka ha ka nako eo re neng re tšoere phutheho ena paramente e ne e koetsoe, esale re emele hore e tle re ha e buloa re utloe khoheletso e hlahang paramenteng e re mamelang hee hore re ise seabo sa rona.

Re eleletsoe hape le hore LCA e boetse ea khutlela marao ho batla maikutlo a sechaba ka phatlalatso eo ba e entseng ka la-11 Phato 2021, moo teng ba fileng sechaba ho fihlela ka la-30 Loetse 2021 ho fana ka maikutlo holima melaoana ea ngolisa ea mehala le likarete tsa eona.

Re le MISA Lesotho ka kotloloho, re fumane memo e joalo ho hlaha LCA ka lona letsatsi leo.

Le tla elelloa ho latela litaba tsena kamoo li etsahetseng ka teng hore ha hona mohla re ile ra mengoa ke Lekala kapa LCA ho ba le seabo litokomaneng tsena ka bobeli pele li fihla paramenteng.

About MISA

The Media Institute of Southern Africa (MISA) was founded in 1992. Its work focuses on promoting, and advocating for, the unhindered enjoyment of freedom of expression, access to information and a free, independent, diverse and pluralistic media.

Share this

Related news

Thumbs up for Parliament Portfolio Committee on Information!

Thumbs up for Parliament Portfolio Committee on Information!

The Committee recommends rescission of the controversial Cybersecurity Bill, SIM & Mobile Device Regulations MISA Lesotho has learned with contentment about recommendations of a parliament’s portfolio committee to dismiss the Computer Crime and Cybersecurity Bill...

U-Report Essay Competition Awards

U-Report Essay Competition Awards

U-Report Essay Competition Awards The Media Institute of Southern Africa (MISA) Lesotho chapter, has presented prizes to four children winners of essay competition the institute had been running. The winners, who were announced last Friday, are Machabeng College...

Lesotho reforms authority adopts media policy, code

Lesotho reforms authority adopts media policy, code

A gesture welcomed as milestone ahead of WPFD In a commendable move by Lesotho’s media sector, the National Reforms Authority (NRA) has adopted the draft National Media Policy (2021) as well as the draft National Code of Conduct, Behaviour and Practice (2021) this...